Kokoanahloko ea korona- Se o lokelang ho se tseba
Thupelo ena ea mahala ea inthanete e fana ka lintlha tsa bohlokoa tsa lefu la coronavirus Covid-19.
Description
Thupelo ena ea marang-rang ea mahala e holima kokoanahloko ea corona e ncha, e tsepamisitsoe holima: nalane ( hore na e tsoa kae), hore na e ts`oaetsana joang, mats`oao a bang teng mokuling, le thibelo ea kokokoanahloko ena eo e e-song ho kaba e fumanoa ho
batho. Li-kokoanahloko tsa korona ke mofuta oa lelapa la likokoanahloko tse ngata, e bakang bokulo bo tlohang ka sefuba se tloaelehileng ho isa mafung a mang a kotsi ho fetisisa a MERS-Cov le SARS-Cov. Kokoanahloko ea corona ke mofuta oa lefu o ho thoeng o "zoonotic"' ke hore e ts`oaetsana pakeng tsa liphoofolo le batho.
Thupelo e tla bua kamoo ho ata ha kokoanahloko ena e ka bang le litlamorao tse kotsi maphelong a batho ba tsoaelitsoeng ke eona le litlamorao ho lits`ebelletso tsa sechaba tsa bophelo,le linaha tseo seoa sena se litletseng. Mots`oao a tloaelehileng a akha: ho hohlola, hoba le mocheso o phahameng, ho felloa ke moea le ho hema ka
thata. Ho feta mona tsoaetso e ka baka pneumonia (liso tse ngata), SARS, ho se sebetseng ha liphieo leho hlokahaleng.
Thupelo ena ke boiteko bo khethehileng, bo theiloeng holima leseli le fanoang ke ba Mokhatlo oa Lefatse oa Bophelo (WHO) Geneva witzerland le Setsi sa Taolo ea Mafu (CDC) sa USA. Thupelo ke karolo ea boiteko bo ntlafatsang ba Alison ho thea mokhoa oa ho arabela kapele ka mokhoa oa ho tlisa thuto lefatseng ho ruta ka toantso ea mafu a seoa ka ho fana ka mangolo a bopaki ho batho ba ithutileng ka mekhoa ea ho loantsa mafu a joalo.
Start Course Now